tlo wena, o tlo bona bana ba kgwale

mantswe le dithoko tsa rona, utloa

Search This Blog

poets

bula pelo ya hao o bale / open your heart and read

read for your soul

Friday, February 19, 2010

MANTSWE A SA HLOKENG LENTSWE: By Lesika Wa Ha Dipholo

Kantle ho yena bophelo bo hloka sepheo
Hoba sepheo sa bophelo
Se tholwa tlasa mapheo a hae

O re file lesedi
Rona ka borona ke rona
Ba ikgethetseng lefifi ho lesedi

Nako e a tla
Eo ka yona re tla lakatsa
Hore lefifi leo re ikgethetseng lona
Le fetohe lesedi leo re ikgantsheditseng lona

Ka nako eo re tla lakatsa ho kena ka hara areka
Monyako wa areka o tlabe o kwetswe

Hoba ditemana di tlabe di e kgathile tema
Le baruti ba evangeli ya kgotso
Ba tlabe ba rutile
Dithuto tse sa hlokang thuto
Tse sa fetang sa lehadima
Kapa yona toro ya bosiu ditsebeng tsa rona
Evangeli ya kgotso
Evangeli ya kgotso e reng:

“ 1. Bakang
Hobane jwale mmuso wa Mahodimo o atametse

2. Bophelo ba lefatshe
Bo na le kgetho tse ngata
Empa bophelo bosafeleng
Bo na le kgetho tse pedi
Dihele kapa Lehodimo

3. Botlalo kaofela ba boModimo
Bo ahile ho Jesu Kreste ka mmele
Ha o batla ho molatella molatelle
Empa pele o nyabuketsa
Menyabuketsong ya hae
Tlama dithuto tsa hae
Letlapeng la pelo ya hao
Jwaloka selekane
Ho se be le motho
Yaka o tlotsang ka lera mahlong ka tsona
Leha e kaba wa hao molekane

4. Jesu Kreste
Ke tsela
Ke nnete
Ke bophelo
Empa batho ba batlana le tsela
Tseleng tse matswedintsweke
Ba batlana le nnete
Moo nnete e leng siyo
Ba batlana le bophelo
Moo bophelo bo leng siyo

5. Dihele hase sebaka seo re se etsetswang
Empa ke sebaka
Seo rona ka borona re iketsetsang sona
Ka dipuo tsa rona tse mpe
Le metsamao ya rona e ditshila

6. O se lebale ho hopola
Hore wena leha o sa mohopole
Yena o dula a o hoopla
O ile a o hopola
Leha hloho ya hae e ne e se e tletse madi a mofapahloho
Ho loka e ne e le senyepa thekeng la hae
Nnete e le leqhama maphakong a hae
Mantswe a tswang molomong wa hae
A sa hloke lentswe
A ntse a fihla
Bofellong ba sekoti sa bodiba ba pelo ya motho
O jarile thohako
O re jaretse mefokolo
Empa re ntse re fokola”

Le dithutong tseo
Evangeling ya kgotso
Batho ba kgethile
Ho ikgethela
Dithuto tseo ba nahanang hore ba kgola thuto ho tsona
Athe ha ba elellwe hore ba kgora thuto ho tsona

Nna kannete ke sitwa ho utlwisisa
Hore na ebe kutlwisiso ke yona e hole ho motho
Kapa motho yena ka boyena ke yena a hole ho kutlwisiso
Hoba dipolelo tsa motho ka Modimo
Di na le sehloho
Empa ha di fane ka hloho

Leha ho thwe
Letlaila le tlailela Moreneng
Empa motho yena ke letlaila le tlailang hampe
Hoba o tlaela le ka lebitso la Morena
Phatlalatsa le teng o a tseba
Phatla-latsa le teng o a tseba
Phatla-latsa le teng o a tseba


LESIKA WA HA DIPHOLO

No comments:

Post a Comment